Amose 7:11-15 BIBELE (SSO89SO)

11. Amose o bua tjena:“ <Jeroboame o tla bolawa,a bolawe ka sabole,ruri Baiseraele ba tla thopuwa,ba thopelwe hole,hole le naha ya habo bona.> ”

12. Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele!

13. O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.”

14. Amose a araba Amasiya, a re: “Ke ne ke se moporofeta kapa mora wa moporofeta, empa ke ne ke le modisana, ke bile ke hlokomela difate tsa feiye.

15. Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: <Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.>

Amose 7