2 Timothea 2:17-22 BIBELE (SSO89SO)

17. Dipolelo tsa bona di tla keka jwaloka mofetshe. Hara bona ho na le Hemenaiose le Filetose,

18. ba kgelohileng nnete, ba ferekanyang tumelo ya ba bang, ka ho re tsoho ya bafu e se e ile ya eba teng.

19. Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”

20. Ka tlung e kgolo ha ho fumanwe dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsona tsa lehong le tsa letsopa; tse ding ke tsa mesebetsi e kgethehileng, tse ding ke tsa mesebetsi ya kamehla.

21. Ekare ha motho a itlhwekisa ho tsena, e tla ba pitsa ya mesebetsi e kgethehileng, e halaleditsweng, e nang le thuso ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e molemo.

22. Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.

2 Timothea 2