3. Ke leboha Modimo, eo ke mo sebeletsang ka letswalo le kgutsitseng jwaloka bo-ntata rona moholo. Kamehla, bosiu le motsheare, ha ke phetse ho o hopola dithapelong tsa ka.
4. Ke hopola meokgo ya hao, mme ke hlolohetswe ho o bona, e le hore ke tle ke be le thabo a kgaphatsehang.
5. Ha ke lebale tumelo ya hao e se nang boikaketsi, e leng tumelo eo nkgonwao Loise le mmao Eunike ba neng ba ena le yona, mme ke kgodisehile hore le wena o na le yona.
6. Ka hona ke o hopotsa hore o tsosolose neo ya Modimo, eo o e amohetseng ka hore ke o bee matsoho.
7. Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.
8. Ka hona se be dihlong ho paka Morena wa rona, kapa nna ke leng motshwaruwa ka baka la hae. Empa o mamelle le nna mahloko a bakwang ke molaetsa o molemo, ka matla a Modimo,
9. ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.
10. Empa kajeno re o senoletswe ka ho iponahatsa ha Mopholosi wa rona, Kreste Jesu, ya fedisitseng matla a lefu, a senola bophelo le ho se shwe ka molaetsa o molemo.