2 Samuele 6:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko kapele ho Morena, ba letsa diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka sefate sa modutu; ba letsa le diharepa, le dikatara, le meropa, le merutlhwana, le matlheretlhere.

6. Ha ba fihla seotlong sa Nakone, Usa a otlollela letsoho la hae arekeng ya Modimo, a e tshwara, hobane dipholo di ne di kgothometseha.

7. Bohale ba Morena ba tlokomela Usa, mme Modimo a mmolaya ka baka la ho ama areka. A shwela hona moo pela areka ya Modimo.

8. Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; yaba sebaka seo o se rea lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.

9. Ka lona letsatsi leo Davida a tshaba Morena, mme a re: “Ekaba areka ya Morena e tla ya jwang ha ka?”

10. Yaba Davida o se a tshaba ha areka ya Morena e iswa Motseng wa Davida, mme a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate.

11. Areka eo ya Morena ya qeta kgwedi tse tharo e le ha Obede-Edomo wa Mogate. Morena a hlohonolofatsa Obede-Edomo le bohle ba ntlo ya hae.

12. Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.

13. Yare ha ba jereng areka ya Morena, ba tsamaile mehato e tsheletseng feela, Davida a nyehella Morena ka sehlabelo sa pholo le namane e nontshitsweng.

14. Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.

15. Yaba Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele, ba nyolla areka ya Morena ka mehoo le ka ho letsa lenaka.

2 Samuele 6