15. Yaba Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele, ba nyolla areka ya Morena ka mehoo le ka ho letsa lenaka.
16. Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.
17. Ba tlisa areka ya Morena, ba e bea ditulong tsa yona, bohareng ba tente eo Davida a neng a e hlometse yona. Davida a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.
18. Hoba Davida a qete ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, yaba o hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena wa mabotho.
19. Jwale a abela e mong le e mong wa setjhaba sohle, le letshwele lohle la Baiseraele, banna le basadi, leqebekwane la bohobe, le leqa la nama e besitsweng, le leqebekwane la mangangajane a morara. Yaba setjhaba sohle se a qhalana, e mong le e mong o ya ha hae.