1. Kgalefo ya Morena ya boela ya tlokomela Baiseraele, mme Morena a hlohlelletsa Davida hore a tshwenye setjhaba, ka ho mo laela, a re: “Tsamaya, o yo bala setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”
2. Kgosi Davida a bua le Joabe, le balaodi ba lebotho ba neng ba ena le yena, a re: “Tsamayang hara merabe yohle ya Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le bale setjhaba, ke tle ke tsebe hore na palo ya sona e kae.”
3. Joabe a re ho kgosi: “Eka Morena Modimo wa hao, a ka atisa setjhaba sa Iseraele halekgolo, leha se se se ntse se le sengata tjena, mme wena wa phela hore o be o se bone. Feela ke ka baka lang ha monga ka, kgosi ya ka, a thabiswa ke ntho ee?”
4. Empa kgosi ya se ke ya mamela bo-Joabe le balaodi ba mabotho. Yaba he ba a tsamaya, ba tloha ho kgosi, ba ya bala setjhaba sa Baiseraele.
5. Ba tshela Jorodane, ba fihla ba hloma ka borwa ho Arowere, e leng motse o kahara kgohlo e lebaneng le Gade, ho ya fihla Jasere.
6. Ba fetela Gileade le Kadeshe, naheng ya Bahete, ba nto fetela Dane, ba potoloha ho ya fihla Sidone.