6. Ba kgopo ba jwaloka meutlwa,meutlwa e lahlwang,e ke keng ya tshwarwaka letsoho la motho;
7. ya e amang a tshware selepele theko ya lerumo,a e lahlele thotobolong,e tjheswe lore!”
8. Ana ke mabitso a bahale ba Davida: Ishe-Boshete wa Motakemone, e ne e le yena mookamedi wa balaodi. Ke yena ya neng a fekefe banna ba makgolo a robedi ka lerumo, a ba bolaya ka nako e le nngwe.
9. O ne a hlahlangwa ke Eleasare, mora wa Dodo, wa morabe wa Ahohi, e mong wa bahale ba bararo ba Davida. O ne a ena le Davida mohla Bafilesita ba neng ba futuhile, mme Baiseraele ba ba baleha.
10. A lwana senna, a bolaya Bafilesita ho fihlela letsoho le kgathala, le shwella bohatsu saboleng. Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo mohlang oo, mme hamorao bahale ba kgutla le mehlala ho tla hlobodisa ditopo.
11. Eleasare o ne a hlahlangwa ke Shamma, mora wa Ako wa Harare. Lebotho la Bafilesita la phuthehela Lehi, moo ho neng ho ena le tshimo ya dierekisi, mme bahlabani ba baleha Bafilesita.