2 Samuele 22:8-23 BIBELE (SSO89SO)

8. “Lefatshe la reketla, la thothomela,metheo ya lehodimo ya tsukutleha,ya reketla hobane a halefile.

9. Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae,mollo o timetsangwa betseha ka hanong la hae,mashala a hlennenga tswa ho yena.

10. A phetla mahodimo,a theohela fatshe,leru le letsho le le maotong a hae.

11. A fofa a palame kerubime,a hoballa a le mapheong a moya.

12. Lefifi a le etsa lesira la hae,maru a matsho, a dusang pula,wona a a etsa tente ya hae.

13. Maru a apolwa ke kganyae mo etellang pele,ha na sefako sa mashala a tukang.

14. Morena a thwathwaretsa,a thwathwaretsa a le mahodimong,Ya Hodimodimoa utlwahatsa lentswe la hae.

15. A fula ka metsu ya hae,dira tsa qhalana,a betsa mahadima,mme tsa phasaphasa.

16. Madiba a mawatlea bonahala tlasetlase,metheo ya lefatsheya phetlehaha ho omana wena Morena,ha ho foka moyao tswang ka nkong tsa hao.

17. “Morena a nnanabela a le hodimo,a nnanabela, a ntshwara,a nkinola metsing a lewatle.

18. A nnamolelasereng sa ka se matla,ho ba ntlhoileng,ba neng ba mphekisa.

19. Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka,empa Morena a nthusetsa.

20. A nkisa bakeng se batsi,a ntokolla hobane a nthata.

21. “Morena o mputsitseho ya ka ho loka ha ka,o mpuseleditseho ya ka ho hloka molato ha ka.

22. Ke tiiseditse tseleng ya Morena,ha ke a etsa bokgopo,ka arohana le Modimo wa ka.

23. Ke fadimehetsedikahlolo tsa hae tsohle,ha ke a qhelelataelo tsa hae kathoko.

2 Samuele 22