2 Samuele 22:38-44 BIBELE (SSO89SO)

38. “Ke lelekisitse dira tsa ka,ka ba ka di tshwara,ha ke a ka ka kgutlake eso di timetse.

39. Ke di hlathile,hoo di ke keng tsa tsoha,e, di wetse tlasa maoto a ka.

40. O mmatlafaletsa ntwa,ba ntwantshang o ba bea tlasa ka.

41. O etsa hore dira tsa kadi ntshupe ka direthe,ba ntlhoileng ke a ba timetsa.

42. Ba llela thuso,ba hloka mopholosi,ba llela Morena,ha a ba arabe.

43. Ke ba thumisa jwaloka lerole,jwaloka lerole la lefatshe,ke ba hatakela jwaloka seretse,jwaloka seretse se tseleng.

44. “O nnamoletsemeferefereng ya setjhaba,wa nketsa mmusi wa ditjhaba,ditjhaba di a ntshebeletsa,ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.

2 Samuele 22