2 Samuele 2:30-32 BIBELE (SSO89SO)

30. Joabe a tlohela ho ngwanyamisa Abinere, a kgobokanya setjhaba sohle sa hae. Hara bahlabani ba Davida ho ne ho le siyo Asaele le banna ba leshome le metso e robong.

31. Empa bahlabani ba Davida ba ne ba bolaile ba morabe wa Benjamine, e leng bahlabani ba Abinere, ba makgolo a mararo le mashome a tsheletseng.

32. Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa.

2 Samuele 2