30. Mefiboshete a re ho kgosi: “Siba a hle a e nke yohle, hobane monga ka, kgosi ya ka, o kgutletse hae ka kgotso.”
31. Barasilai wa Mogileade a theoha Rogeleme, a tsamaya le kgosi ho ya e tshedisa Jorodane.
32. Barasilai o ne a se a tsofetse haholo, a ena le dilemo tse mashome a robedi. Ha kgosi e ntse e le Mahanaime, Barasilai o ne a e fepa, hobane o ne a ruile haholo.
33. Kgosi ya re ho Barasilai: “Tshela le nna, re ye Jerusalema, mme ke tla o fepa.”
34. Empa Barasilai a re ho kgosi: “Ebe ke sa tla phela nako e kae, hoo nka yang le kgosi Jerusalema?
35. Kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi; na nka hlola ke sa tseba ho kgetholla botle ho bobe? Kapa nka hlola ke sa utlwa monate wa seo ke se jang, kapa seo ke se nwang? Na nka hlola ke sa utlwa melodi ya banna ba binang, le ya basadi ba binang? Ebe jwale nka nna ka imetsa monga ka, kgosi ya ka, ka baka lefe?
36. Mohlanka wa hao o tla tshela Jorodane le kgosi, a e felehetse ho se hokae. Jwale kgosi e ka nnea moputso oo ka baka lefe?