2 Samuele 15:14-21 BIBELE (SSO89SO)

14. Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”

15. Bahlanka ba kgosi ba re ho kgosi: “Bahlanka ba hao ba itokiseditse ho phetha tsohle tseo kgosi e tla ba laela tsona.”

16. Kgosi ya tswa motseng le bohle ba lelapa la yona, ya siya basadi ba leshome, bao e neng e le basadi ba mafielo ba yona, hore ba hlokomele lelapa.

17. Kgosi ya fela ya tswa le setjhaba sohle sa yona, ya fihla ya emisa tlung ya ho qetela.

18. Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.

19. Yaba kgosi e re ho Itai wa Mogate: “O tsamaelang le rona? Kgutla, o yo dula le kgosi, hobane o moditjhaba, o bile o balehile naheng ya heno.

20. O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”

21. Itai a araba kgosi, a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka monga ka, kgosi ya ka e phelang, moo monga ka, kgosi ya ka, a tla ba teng, ebang o tla shwa kapa a phele, le hona moo mohlanka wa hao o tla ba hona teng.”

2 Samuele 15