2 Dikgosi 9:22-31 BIBELE (SSO89SO)

22. Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?”Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”

23. Ke ha Jorame a sokolla kariki ya hae, a baleha, a baleha, a re ho Akasiya: “Akasiya ee! Hona ke bohlabaphiyo!”

24. Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa.

25. Yaba Jehu o re ho Bidekare, molaodi wa mabotho a hae: “Mo nke, o mo lahlele hara tshimo eno ya Nabote wa Mojesereele! Hopola mohla rona le wena re neng re palame le Akabe, ntatae. Morena o ne a mo ahlole ka mantswe ana, a re:

26. <Ruri, maobane ke bone madi a Nabote, le madi a bara ba hae,> ho rialo Morena: <Ke tla a phetetsa ka ho sebedisa wena, hona tshimong ena,> ho rialo Morena. Ka baka lena he, mo nke, o mo lahlele hara tshimo, ho ya ka polelo eo ya Morena.”

27. Ha Akasiya, kgosi ya Juda, a bona hona, a baleha ka tsela e lebang Bethekane. Jehu a mo salama, a re: “Le yena enwa mo fulelleng ka kariking ya hae ya ntwa!” Ba mo fula ha a le moepeng o nyolohelang Gure, haufi le Jibeleame. Akasiya a balehela Megido, a ya shwela teng.

28. Bahlanka ba hae ba mo nka ka kariki ya ntwa, ba mo isa Jerusalema, ba mo epela lebitleng la hae, ho bo-ntatae, Motseng wa Davida.

29. Akasiya o ne a ile a qala ho busa Juda ha Jorame, mora wa Akabe, a tshwere selemo sa leshome le motso o mong a busa.

30. Ha Jehu a se a fihlile Jesereele, Jesabele a utlwela taba ena. Yaba o roma mahlo a hae ka pilo, o kgabisa moriri wa hae, o hlaha ka fesetere o tadima kantle.

31. Yare ha Jehu a kena ka kgoro ya motse, Jesabele a re: “Na o tla ka kgotso, wena Simeri, mmolai wa monga hao?”

2 Dikgosi 9