19. Yaba Jorame o roma monna wa bobedi ya palameng pere. Eo ha a fihla ho bona, a re: “Kgosi e re: <Na le tla ka kgotso?> ”Jehu a re: “O ntso re kgotso? Ntshale morao!”
20. Sebohodi sa bua, sa re: “Le yena o fihlile ho bona, empa ha a bonahale ho kgutla. Kariki e qhojwa ka lekgarakgara le kang la ha ho qhoba Jehu, setloholo sa Nimeshi, hobane yena o qhoba jwaloka lehlanya.”
21. Jorame a re: “Panang kariki ya ka ya ntwa!” Ba pana kariki ya hae ya ntwa. Bo-Jorame, kgosi ya Iseraele, le Akasiya, kgosi ya Juda, ba tswa motseng, e mong le e mong a palame kariki ya hae ya ntwa. Ba tswa ho ya kgahlanyetsa Jehu, mme ba teana le yena tshimong ya Nabote wa Mojesereele.
22. Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?”Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”
23. Ke ha Jorame a sokolla kariki ya hae, a baleha, a baleha, a re ho Akasiya: “Akasiya ee! Hona ke bohlabaphiyo!”
24. Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa.