17. Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.
18. Ha Baarame ba seohela Elisha, yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela: Ako foufatse batho bana.” Morena a ba foufatsa ho ya ka thapelo ya Elisha.
19. Yaba Elisha o re ho bona: “Tsela ena hase yona, le motse ona hase oona. Ntateleng, mme ke tla le isa ho motho eo le mmatlang.” Empa a ba isa Samaria.
20. Yare ha ba fihla Samaria, Elisha a re: “Morena, foufolla batho bana, ba boele ba bone.” Morena a ba foufolla, ba boela ba bona. Ba iphumana ba se ba le kahara Samaria.
21. Ha kgosi ya Iseraele e ba bona, ya re ho Elisha: “Ntate, ke ba bolaye? Ke ba bolaye?”
22. Elisha a araba, a re: “O se ke wa ba bolaya. Na bao o ba thopileng ka sabole ya hao, le ka seqha sa hao, o ka ba bolaya? Ba fe dijo le metsi, ba je, ba nwe, ba nto kgutlela ho monga bona.”
23. Kgosi ya ba etsetsa mokete o moholo wa dijo. Ha ba se ba jele, ba nwele, ya re ba tsamaye, mme ba kgutlela ho monga bona. Yaba mara a Arame ha a sa hlola a futuhela naha ya Iseraele.
24. Kamora tsena, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya mabotho wohle a hae, a nyoloha, a fihla a etsetsa Samaria thibella.