14. Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.
15. Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”
16. Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.
17. Jwale Naamane a re: “Ke a o rapela he: Ako nee mohlanka wa hao moqeqeko wa mobu o lekaneng ho beleswa dimmeileng tse pedi, hobane ho tloha jwale mohlanka wa hao a ke ke a hlola a etsetsa modimo o mong nyehelo ya setjheso, kapa mahlabelo, haese Morena feela.
18. Feela Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena: Ha monga ka a kena ka tempeleng ya Rimone ho ya rapela, a itshetlehile ka letsoho la ka, mme nna ke obamela fatshe ka tempeleng ya Rimone, Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena.”
19. Yaba Elisha o re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.”Naamane a tsamaya sebakana ho tloha ho Elisha.
20. Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”
21. Yaba Gehasi o sala Naamane morao. Ha Naamane a bona a etla a matha, a theoha kariking ya hae ya ntwa, a mo Kgahlanyetsa, a re: “Molato keng?”
22. Gehasi a re: “Ha ho molato. Monga ka o nthomile ho wena, o re: <Hona jwale ho tswa fihla mona ho nna bahlankana ba babedi ba sehlopha sa baporofeta, ba tswang naheng e maralla ya Efraime. Ke a o rapela: Ako ba fe silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo le metso e mene, le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle.> ”
23. Yaba Naamane o re: “Ke a o rapela: Nka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a tsheletseng le metso e robedi.” A mo qophella hore a e nke. A kenya silefera eo ka mekotlaneng e mmedi, a e tlama. A nka le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle, mme tsena tsohle a di jarisa bahlanka ba hae ba babedi, ba eteletse Gehasi pele.
24. Ha ba fihla Ofele, Gehasi a di nka ho bona, a di kenya ka tlung. A re banna bao ba tsamaye, mme ba tsamaya.
25. Gehasi a kena ka tlung, a ema kapele ho monga hae.Elisha a re ho yena: “O tswa kae Gehasi?”Gehasi a re: “Ha ho moo mohlanka wa hao a kileng a ya teng.”
26. Empa Elisha a re ho yena: “Ha o tsebe hore ke ne ke ntse ke tsamaya le wena ka moya, ha monna elwa a theoha kariking ya hae ya ntwa, a o kgahlanyetsa? Na nako ee ke ya ho amohela tjhelete, le ya ho amohela diaparo, le meru ya mohlwaare, le dirapa tsa morara, le dinku, le dipholo, le bahlanka, le makgabunyane?