2 Dikgosi 3:25-27 BIBELE (SSO89SO)

25. Ba heletsa metse, mme masimong wohle a matle monna ka mong a akgela lejwe la hae, masimo ao a tlala majwe. Ba kata didiba tsohle, ba rema le difate tsohle tse ntle. Ke motse wa Kire-Harese feela o sa kang wa heletswa; leha ho le jwalo, bo-ramatjeketjane ba o potapota, ba o ruthutha ka majwe.

26. Ha kgosi ya Moabe e bona hore e imelwa ke ntwa, ya nka banna ba makgolo a supileng ba disabole, hore ba phunyeletse ho ya fihla ho kgosi ya Edomo, empa ba sitwa.

27. Jwale kgosi ya Moabe ya nka mora wa yona wa matsibolo, ya neng a tla e hlahlama, ya etsa nyehelo ya setjheso ka yena hodima lerako. Baiseraele ba kenwa ke letswalo hoo ba ileng ba tloha motseng oo, ba kgutlela naheng ya habo bona.

2 Dikgosi 3