13. Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa.
14. A thua difika tseo ba di kgumamelang, a diha ditshwantsho tsa Ashera, mme moo di neng di le hona teng a qhalla masapo a batho.
15. Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera.
16. Eitse ha Josiya a reteleha, a bona mabitla mosikong wa thaba, mme a roma maqosa hore a yo epolla masapo ka mabitleng ao. Masapo ao a a tjhesetsa hodima aletare, a e silafatsa, ho ya ka lentswe la Morena, leo moporofeta wa Modimo a neng a ile a le bolela ha a phatlalatsa dintho tsena.
17. Jwale Josiya a re: “Ke lebitla la mang leo, leo ke le bonang?”Banna ba motse ba mmolella, ba re: “Ke lebitla la moporofeta wa Modimo, ya neng a etswa Juda, mme a bolela dintho tsena tseo wena o di entseng ka aletare ya Bethele.”