10. Hesekiya a araba, a re: “Ho bonolo hore moriti o tjhetjhelle pele ka mehato e leshome; ere o tjhetjhelle morao ka mehato e leshome.”
11. Yaba moporofeta Esaya o rapela Morena, mme Morena a tjhetjhisetsa moriti morao ka mehato e leshome, eo o neng o se o e tsamaile, hodima letlapa le supang nako le entsweng ke Akase.
12. Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae.
13. Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.
14. Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?”Hesekiya a araba, a re: “Ba tswa naheng e hole, ya Babilona.”
15. Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?”Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka, leo ke sa ba bontshang lona.”
16. Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena:
17. <Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,> ho rialo Morena.