2 Dikgosi 18:35-37 BIBELE (SSO89SO)

35. Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya oona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?> ”

36. Empa setjhaba sa kgutsa tu! sa se ke sa mo araba, hobane taelo ya kgosi e ne e itse: β€œLe se ke la mo araba!”

37. Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesikiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa.

2 Dikgosi 18