32. ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa.β <Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela!
33. Hara medimo ya ditjhaba tsee, na o teng o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a kgosi ya Asiria?
34. E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime, le Hena, le Ifa? Na e namoletse Samaria matsohong a ka?
35. Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya oona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?> β
36. Empa setjhaba sa kgutsa tu! sa se ke sa mo araba, hobane taelo ya kgosi e ne e itse: βLe se ke la mo araba!β