2 Dikgosi 17:36-41 BIBELE (SSO89SO)

36. Empa le hlomphe Morena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ka matla a maholo, le ka letsoho le otlolohileng. Le kgumamele yena, mme le etsetse yena mahlabelo.

37. Kamehla yohle le boloke ditaelo le melao eo a le ngoletseng yona, mme le se ke la hlompha medimo e meng.

38. Le se ke la lebala selekane seo ke se entseng le lona, mme le se ke la hlompha medimo e meng,

39. le mpe le hlomphe Morena Modimo wa lona, mme o tla le namolela matsohong a dira tsa lona tsohle.”

40. Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela; ba nna ba phela ho ya ka meetlo ya bona ya pele.

41. Ditjhaba tsena di ne di hlompha Morena, empa tsona, le bana ba tsona, le ditloholo tsa tsona, tsa nna tsa sebeletsa le medimo ya tsona ya ditshwantsho tse betlilweng. Jwalokaha bo-ntata tsona ba ne ba etsa, le tsona di ntse di etsa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.

2 Dikgosi 17