2 Dikgosi 14:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele, Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a qala ho busa.

2. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jehowadane, eo hahabo e neng e le Jerusalema.

3. Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng jwaloka Davida, ntataemoholo. A tsamaya mehlaleng ya Jowashe, ntatae;

4. feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.

5. Yare ha a se a tsitsitse bokgosing ba hae, a bolaya bahlanka ba hae ba neng ba bolaye kgosi, e leng ntatae.

6. Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, ho ya ka Molao o ngotsweng Bukeng ya Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.”

7. Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.

8. Jwale Amasiya a romela maqosa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, mora wa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo re tlo lebanya dithebe!”

2 Dikgosi 14