2 Dikgosi 13:21-24 BIBELE (SSO89SO)

21. Ka tsatsi le leng, batho ba ne ba epela setopo, mme ba bona lebothwana la bahlabani. Ba akgela setopo ka lebitleng la Elisha, ba baleha. Ha setopo se thetsa masapo a Elisha, sa tsoha, motho eo a ema ka maoto a hae.

22. Hasaele, kgosi ya Arame, a hatella Baiseraele ka matsatsi wohle a puso ya Jehowakase.

23. Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.

24. Hasaele, kgosi ya Arame, a shwa, mme Bene-Hadade, mora wa hae, a mo hlahlama.

2 Dikgosi 13