15. Mahlo a ka a tla ba ntjhotjho, ditsebe tsa ka di be lethwethwe ho utlwa dithapelo tse tla etsetswa sebakeng sena.
16. Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.
17. “Haeba le wena o ka tsamaya ditseleng tsa ka jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,
18. ke tla tiisa bokgosi ba hao, jwalokaha ke ne ke etse selekane le Davida, ntatao, ka re: <Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami ya tla busa Iseraele.>
19. “Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela,
20. ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.