23. o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae, o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae.
24. “Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se ka hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se bolela hore ke wena Modimo, se o rapela, se o kopa se le ka Tempeleng ena,
25. o se utlwe o le lehodimong, mme o se tshwarele sebe sa sona, o se kgutlisetse naheng eo o neng o e nee bo-ntata sona.
26. “Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se rapela se tadimile Tempeleng ena, se bolela hore ke wena Modimo, se furalla sebe sa sona ha o se otla,
27. o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao eo o e neileng setjhaba sa hao, hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.
28. “Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, le lebabo, le boroku, le ditsie kapa bookgolane, eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella, leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe,
29. thapelo kapa kopo efe le efe, e etswang ke motho ofe le ofe, kapa setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a ka susumetswang ke matshwenyeho a hae le ditlokotsi tsa hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae Tempeleng ena,
30. o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, hobane o tseba pelo ya hae. Ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho.