10. “Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue, hobane ke tswetswe tlung ya Davida, ntate. Ke dutse terone ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke bile ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele.
11. Ke kentse areka ka ho yona, e leng areka eo selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bana ba Iseraele, se leng ka ho yona.”
12. Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se bona, a phakalatsa matsoho.
13. Solomone o ne a hahile sethala sa lethose. Bolelele ba sona e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo, bophara ba sona e ka ba dimethara tse pedi le halofo, ha bophahamo ba sona e ne e ka ba methara le halofo. O ne a se beile bohareng ba lebala. A hlwella hodima sona, a nto kgumama moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se mmona, a phahamisetsa matsoho a hae lehodimong,
14. a re:“Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena lehodimong le lefatsheng; ya bolokang selekane, ya hauhelang bahlanka ba hae ba latelang melao ya hae ka dipelo tsa bona tsohle.
15. O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o phethahaditse polelo eo ka matla a hao.
16. “Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: <O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.>
17. Oho, Morena Modimo wa Iseraele, polelo ya hao, eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida, e ke e phethahatswe.