2 Diketsahalo 5:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba mosebetsi wohle, oo Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo Davida, ntatae, a neng a di abetse Morena, ka matlung a polokelo a Tempele. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tsohle.

2. Jwale Solomone a kgobokanya baholo bohle ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane sa Morena, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.

3. Banna bohle ba Iseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone mohla mokete, ka kgwedi ya bosupa.

2 Diketsahalo 5