2 Diketsahalo 35:8-14 BIBELE (SSO89SO)

8. Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo.

9. Le bo-Konaniya, mmoho le bana babo, bo-Shemaya le Netanele, le dihlooho tsa Balevi, e leng Hashabiya, le Jeiele, le Josabada, ba nea Balevi dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse hlano, le dipohwana tse makgolo a tse mahlano.

10. Tshebeletso ya hlopheha, baprista ba ema ditulong tsa bona, le Balevi ka dihlopha tsa bona, ho ya ka taelo ya kgosi.

11. Ba hlaba konyana ya Paseka, baprista ba fafatsa ka madi ao ba neng ba a newa ke Balevi, ha Balevi bona ba ntse ba buha tse hlabilweng.

12. Ba bea dinyehelo tsa setjheso kathoko, e le hore ba tle ba di abe ho ya ka dihlopha tsa malapa a setjhaba, le sona se tle se nyehelle Morena, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe. Ba etsa jwalo le ka dipohwana.

13. Ba besa dikgutshwane tse hlabetsweng Paseka ho ya ka taelo; dinyehelo tse halalelang tsona ba di pheha ka dipitsa, le ka diketlele, le ka dipane, ba nto di abela setjhaba ka potlako.

14. Kamora moo, ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, hobane baprista, e leng ditloholo tsa Arone, ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo tsa setjheso, le tsa mafura, ho fihlela e eba bosiu. Ka baka leo, Balevi ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, e leng ditloholo tsa Arone.

2 Diketsahalo 35