1. Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema.
2. A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.
3. A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa bo-Baale; a etsa ditshwantsho tsa Ashera, a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa.
4. A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema kamehla yohle.”
5. A hahela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, dialetare mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena.
6. A etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ka kgohlong ya mora wa Hinome. A loya, a noha, a sebedisa baloi, le ba buang le bafu, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.