2. Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena.
3. Kgosi ya fana ka seabo sa yona, se tswang mehlapeng ya yona, bakeng sa ho etsa dinyehelo; e leng nyehelo ya setjheso ya hoseng le ya mantsiboya, le bakeng sa ho etsa nyehelo ya setjheso ya Sabatha, le ya ho thwasa ha kgwedi, le ya mekete e kgethehileng, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena.
4. Hesekiya a laela setjhaba se neng se ahile Jerusalema hore se ntshe seabo se newang baprista le Balevi, e le hore ba thahaselle ho phetha Molao wa Morena.
5. Hoba taelo ena e anele hohle, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tsa koro, le tsa veine, le tsa ole, le tsa mahe a dinotshi, le dilopotsiya tsa tsohle tse tswang masimong. Ba tlisa le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tsa bona, mme ba di tlisa ka bongata.
6. Bana ba Iseraele le setjhaba sa Juda ba neng ba ahile metseng ya Juda le bona ba tlisa karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dikgomo tsa bona le dikgutshwane tsa bona. Ba tlisa le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tse halalelang, tseo ba di abetseng Morena, ba di etsa diqubuqubu.
7. Ka kgwedi ya boraro ba qala ho bokella dintho tsena, mme ka kgwedi ya bosupa ba qeta ho di bokella.
8. Bo-kgosi Hesikiya le mahosana ba fihla, mme ha ba bona diqubuqubu tsena ba rorisa Morena, ba hlohonolofatsa setjhaba.
9. Hesekiya a botsa baprista le Balevi ka diqubu tsena.