2 Diketsahalo 31:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.

2. Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena.

3. Kgosi ya fana ka seabo sa yona, se tswang mehlapeng ya yona, bakeng sa ho etsa dinyehelo; e leng nyehelo ya setjheso ya hoseng le ya mantsiboya, le bakeng sa ho etsa nyehelo ya setjheso ya Sabatha, le ya ho thwasa ha kgwedi, le ya mekete e kgethehileng, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena.

2 Diketsahalo 31