2 Diketsahalo 30:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. Ba etsa taelo ya hore naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beeresheba ho ya fihla Dane, ho phatlalatswe hore batho ba tle Jerusalema ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka, hobane e ne e le ba mmalwana feela ba neng ba e keteka jwalokaha ho ngotswe.

6. Ka taelo ya kgosi, maqosa a ya hohle naheng ya Iseraele le ya Juda, a isa mangolo a tswang ho kgosi le ho mahosana a yona, a reng:“Lona bana ba Iseraele, kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, mme le yena o tla kgutlela ho masalla a lona a phonyohileng matsohong a dikgosi tsa Asiria.

7. Le se ke la etsisa bo-ntata lona, le bana babo lona, ba ileng ba sitelwa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba etsa dintho tse tshabehang jwalokaha le bona.

8. Le se ke la satalatsa melala ya lona jwaloka bo-ntata lona, le ineele Morena, le kene ka Sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng kamehla yohle. Sebeletsang Morena Modimo wa lona, e le hore kgalefo ya hae e tlokomang e tle e le fapohe.

9. Haeba le kgutlela ho Morena, bana babo lona, le bana ba lona, ba tla fumana mohau ho bathopi ba bona, mme ba tla kgutlela naheng ena, hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.”

10. Maqosa a ya le metse yohle ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho ya fihla ho ba morabe wa Sebulone, empa batho ba a tsheha, ba a soma.

11. Leha ho le jwalo, ba bang ba morabe wa Ashere, le wa Manase, le wa Sebulone, ba ikokobetsa, ba ya Jerusalema.

12. Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.

13. Ka kgwedi ya bobedi setjhaba sa phuthehela Jerusalema ka bongata, ho ya keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang.

14. Batho ba tlosa dialetare Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsohle tsa mokubetso, ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone.

15. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ba hlaba konyana ya Paseka. Baprista le Balevi ba hlajwa ke dihlong, mme ba itlhwekisa, ba tlisa dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.

2 Diketsahalo 30