23. Setjhaba sohle sa dumellana hore se boele se keteke ka matsatsi a supileng, mme sa boela sa keteka ka thabo, ka matsatsi a mang a supileng.
24. Hesekiya, kgosi ya Juda, a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse supileng. Mahosana le wona a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse leshome. Baprista ba bangata ba itlhwekisa.
25. Setjhaba sohle sa Juda sa nyakalla hammoho le baprista le Balevi le bohle ba neng ba phuthehile, ba etswa naheng ya Iseraele, le baditjhaba ba neng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba phela naheng ya Juda.
26. Thabo ya eba kgolo Jerusalema, hobane haesale ho tloha mehleng ya Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, ho ne ho eso ka ho eba le ntho e tshwanang le ena, Jerusalema.
27. Jwale baprista, e leng Balevi, ba ema, ba hlohonolofatsa setjhaba. Mantswe a bona a utlwahala, mme thapelo ya bona ya fihla leahong la Modimo le halalelang, le lehodimong.