2 Diketsahalo 30:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Hesekiya a romela molaetsa ho Baiseraele bohle, le ho setjhaba sa Juda, a ba a ngolla le ba morabe wa Efraime le wa Manase, a ba memela hore ba tle Tempeleng ya Morena, Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka.

2. Kgosi e ne e ile ya rerisana le mahosana wohle a yona, le setjhaba sohle se Jerusalema, ho etsa mokete wa Paseka ka kgwedi ya bobedi.

3. Ba ne ba ke ke ba etsa mokete ona ka nako ya teng, hobane baprista ba ne ba eso itlhwekise ka mokgwa o phethahetseng, mme le setjhaba se ne se eso phuthehele Jerusalema.

4. Hona ha thabisa kgosi le setjhaba sohle.

2 Diketsahalo 30