7. Sikeri, mohale wa ba morabe wa Efraime, a bolaya Maasiya, mora wa kgosi, le Asarikama, mookamedi wa ntlo ya kgosi, le Elekana, letsoho la kgosi.
8. Bana ba Iseraele ba thopa bana babo bona ba dikete tse makgolo a mabedi, e le basadi, le bara, le baradi. Ba hahara le kgapo e ngata, ba e isa Samaria.
9. Moporofeta wa Modimo o ne a le teng moo, lebitso la hae e le Odede. A ya kgahlanyetsa lebotho le fihlileng Samaria, a re ho lona: “Bonang mona: Kaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ne a halefetse setjhaba sa Juda, o neelane ka sona matsohong a lona. Le se bolaile le halefile haholo, mme kgalefo ya lona e fihlile lehodimong.
10. Jwale sepheo sa lona ke hore banna le basadi ba setjhaba sa Juda, le ba tswang Jerusalema, le ba etse makgoba a lona. Na lona ha le a sitelwa Morena Modimo wa lona?
11. Ka baka lena, mmameleng, mme le kgutlise bathopuwa bao le ba thopileng e le bana babo lona, hobane Morena o le halefetse.”
12. Ba bang ba dihlooho tsa bana ba Iseraele, e leng bo-Asariya, mora wa Johanane, le Berekiya, mora wa Meshilemote, le Jehesekiya, mora wa Shalome, le Amasa, mora wa Hadelai, ba bolella ba tswang ntweng sefahlamahlo,
13. ba re ho bona: “Le ke ke la tlisa bathopuwa bana mona! Ere re se ntse re sitetswe Morena, jwale le batla ho eketsa dibe tsa rona le melato ya rona! Tshito ya rona e kgolo, mme Baiseraele ba halefetswe ka kgalefo e tshabehang!”
14. Yaba bahlabani ba tlohela bathopuwa le kgapo kapele ho mahosana le setjhaba sohle.
15. Banna ba ileng ba thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka bathopuwa. Ka thepa e hapilweng ba apesa bohle ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba fepa, ba ba fa se nowang, ba ba tlotsa ka ole. Ba fokolang ba bona ba ba palamisa ditonki, ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho bana babo bona, ba nto kgutlela Samaria.
16. Ka yona nako eo, kgosi Akase a romela molaetsa ho dikgosi tsa Asiria, hore di tlo mo thusa.