2 Diketsahalo 28:10-14 BIBELE (SSO89SO)

10. Jwale sepheo sa lona ke hore banna le basadi ba setjhaba sa Juda, le ba tswang Jerusalema, le ba etse makgoba a lona. Na lona ha le a sitelwa Morena Modimo wa lona?

11. Ka baka lena, mmameleng, mme le kgutlise bathopuwa bao le ba thopileng e le bana babo lona, hobane Morena o le halefetse.”

12. Ba bang ba dihlooho tsa bana ba Iseraele, e leng bo-Asariya, mora wa Johanane, le Berekiya, mora wa Meshilemote, le Jehesekiya, mora wa Shalome, le Amasa, mora wa Hadelai, ba bolella ba tswang ntweng sefahlamahlo,

13. ba re ho bona: β€œLe ke ke la tlisa bathopuwa bana mona! Ere re se ntse re sitetswe Morena, jwale le batla ho eketsa dibe tsa rona le melato ya rona! Tshito ya rona e kgolo, mme Baiseraele ba halefetswe ka kgalefo e tshabehang!”

14. Yaba bahlabani ba tlohela bathopuwa le kgapo kapele ho mahosana le setjhaba sohle.

2 Diketsahalo 28