2 Diketsahalo 26:9-12 BIBELE (SSO89SO)

9. Ho feta mona, Usiya a haha ditora Jerusalema, Kgorong e Hukung, le Kgorong e ka Kgohlong, le moo lerako le fellang teng, mme a di haheletsa.

10. A haha ditora tse ding lehwatateng. A tjheka didiba tse ngata, hobane o ne a ena le mehlape ya diphoofolo diphuleng le dithoteng. O ne a ena le bahlanka ba lemang masimo, le a lemang difate tsa morara dithabeng le Karamele. O ne a rata temo haholo.

11. Hape Usiya o ne a ena le lebotho la bahlabani, le neng le futuha ka mekgahlelo, ho ya kamoo ba neng ba balwa kateng ke Jeiele, eo e neng e le mongodi, le ke Maasiya, eo e neng e le molaodi ya katlasa Hananiya, e mong wa baokamedi ba mabotho a kgosi.

12. Palo ya baokamedi ba bahale, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng.

2 Diketsahalo 26