10. Amasiya a hlwaya lebotho la ba morabe wa Efraime le neng le tlile ho yena, a le kgutlisetsa hae. Ka baka leo, bao ba halefela setjhaba sa Juda haholo, mme ba kgutlela mahahabo bona ba halefile haholo.
11. Amasiya a imatlafatsa, mme a etella bahlabani ba hae pele ho ya fihla Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaela bahlabani ba Seire ba dikete tse leshome hona teng.
12. Setjhaba sa Juda sa thopa ba dikete tse leshome, sa ba hlwesetsa hodima lefika, sa ba dihela, mme bao ba suhlamana.
13. Empa ha e le bahlabani ba lebotho leo Amasiya a ileng a le kgutlisetsa hae, hore le se ke la ya le yena ntweng, ba futuhela metse ya Juda, ho tloha Samaria ho ya fihla Bete-Horone, mme teng ba bolaya batho ba dikete tse tharo, ba nka kgapo e ngata.
14. Ha Amasiya a kgutla ho tswa timetsa Baedomo, a tla le medimo ya bana ba Seire, a e etsa medimo ya hae, a e kgumamela, mme a e tjhesetsa mokubetso.
15. Ka baka leo, kgalefo ya Morena ya tlokomela Amasiya, mme Morena a roma moporofeta ho yena, ya ileng a fihla a re: “Ke ka baka lang ha o batlile thuso ya medimo ya baditjhaba, e sitilweng ho namolela beng ba yona matsohong a hao?”
16. Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!”Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”
17. Hoba kgosi Amasiya a eletswe ke banna ba hae, a romela molaetsa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, setloholo sa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo, re tlo lebanya dithebe!”
18. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o romela maqosa ho Amasiya, kgosi ya Juda, o re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: <Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale!> Yaba ho feta sebata sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo.