17. Setjhaba sohle sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa Baale, sa bolaela Matane, moprista wa Baale, kapele ho dialetare tseo.
18. Jehoyada a bea baprista, e leng Balevi, hore ba hlokomele Tempele ya Morena. Ke bao Davida a neng a ba abetse hore ba sebeletse ka Tempeleng ya Morena, ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe. Ba etsa hona ba nyakaletse, ba bina jwalokaha Davida a ile a ba laela.
19. A bea balebedi menyakong ya Tempele ya Morena, e le hore mang kapa mang ya sesila a se ke a kena ka ho yona.
20. Jehoyada, a ena le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, le mahosana, le babusi ba setjhaba, le setjhaba sohle, ba ntsha kgosi ka Tempeleng ya Morena. Ba kena ka tlung ya kgosi ka Monyako o Kahodimo, mme ba e bea hodima terone ya puso.
21. Setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso, kamora hoba Ataleya a bolawe ka sabole.