15. Wena o tla tshwarwa ke lefu le bohloko la letshollo, ho fihlela mala a hao a horometseha, ka baka la ho tsholla ka letsatsi le leng le le leng.> ”
16. Hape Morena a etsa hore Bafilesita, le Maarabia a neng a ahelane le Bakushe, ba hloye Jehorame.
17. Ba futuhela naha ya Juda, ba e hlola. Ba hapa thepa yohle e neng e le ka tlung ya kgosi, ba thopa le bara ba kgosi, le basadi ba yona, hoo Jehorame a sa kang a sallwa ke mora leha a le mong, ha e se Jehowakase, mora wa hae wa lethopo.
18. Kamora tsena, Morena a etsa hore Jehorame a jewe ke mala a sa phekoleheng.
19. Ha nako e ntse e eya, kamora lemo tse pedi, mala a hae a horometseha, mme a shwa habohloko. Setjhaba sa hae sa se ke sa mmesetsa mollo wa bofifi, jwalokaha se ne se etsetse bo-ntatae.