12. Jwale Jehorame a amohela lengolo le tswang ho moporofeta Elia, le reng: “Morena Modimo wa Davida, ntataomoholo, o bua tjena: <Ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya Jehoshafate, ntatao, le mehlaleng ya Asa, kgosi ya Juda.
13. O tsamaile mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, mme o entse hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, jwaloka ba lelapa la Akabe. O bile o bolaile bana beno, ba lelapa la ntatao, ba neng ba lokile ho o feta.
14. Ka baka leo, Morena o tla otla setjhaba sa hao, le bana ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka lefu la sewa se seholo.
15. Wena o tla tshwarwa ke lefu le bohloko la letshollo, ho fihlela mala a hao a horometseha, ka baka la ho tsholla ka letsatsi le leng le le leng.> ”
16. Hape Morena a etsa hore Bafilesita, le Maarabia a neng a ahelane le Bakushe, ba hloye Jehorame.