17. Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, ha e se tse mpe feela?”
18. Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae ka letsohong la hae le letona, le ka letsohong la hae le letshehadi.
19. Morena a re: <Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade?>“E mong a bua tjena, e mong a bua tjena.
20. Jwale moya o mong wa tswa hara lebotho la Morena, wa bua, wa re: <Ke nna ya tla mo qhekanyetsa!>“Morena a re ho wona: <Jwang?>
21. “Wa araba, wa re: <Ke tla ya, ke etse hore baporofeta bohle ba hae ba bue leshano.>“Morena a re: <O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!>
22. “Ka baka leo he, ako bone kamoo Morena a entseng hore baporofeta bana ba hao bohle ba bue leshano! Empa Morena yena o se a boletse koduwa e tla o wela hodimo.”
23. Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”
24. Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kaharehare ho ya ipata teng, ke mohla o tla tseba.”
25. Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi,
26. le re: <Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobenyana le ka metsinyana feela, ho fihlela ke kgutla ka kgotso.> ”
27. Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, e tla ba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”