2 Diketsahalo 12:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Yaba Shishake, kgosi ya Egepeta, o futuhela Jerusalema. A hapa matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A hapa tsohle; a hapa le dithebe tsa kgauta tse neng di entswe ke Solomone.

10. Sebakeng sa tsona, kgosi Rehoboame a etsa dithebe tsa lethose, mme a di bea taolong ya balaodi ba balebedi ba neng ba lebela monyako wa ntlo ya kgosi.

11. Kamehla, ha kgosi e ne e kena ka Tempeleng ya Morena, balebedi ba ne ba ye ba nke dithebe tseo, ba be ba di kgutlisetse ka tlung ya balebedi.

12. Kahobane kgosi e ile ya ikokobetsa, Morena a kgaotsa ho e halefela, a se ke a e timetsa ho hang, etswe le naheng ya Juda ho ne ho sa na le dintho tse lokileng.

13. Kgosi Rehoboame a imatlafatsa a le Jerusalema, mme a nna a busa. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ile a o kgetha hara merabe yohle ya Iseraele, hore a kgumamellwe ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone.

14. A etsa bobe, hobane o ne a sa ikemisetsa ho sebeletsa Morena.

2 Diketsahalo 12