2 Bakorinthe 9:12-15 BIBELE (SSO89SO)

12. Efela tshebetso ena ya ho thusa, hase feela e tla fokotsa bohloki ba badumedi, empa e tshwanetse ho ba mohlodi wa diteboho tse kgaphatsehang tse iswang ho Modimo.

13. Ka ho ananela tshebetso eo, ba bangata ba tla tlotlisa Modimo ka baka la hobane le ikokobeletsa molaetsa o molemo wa Kreste oo le o pakang, le ka baka la hobane ka ho fana le arolelana le bona, esita le ba bang bohle.

14. Ba tla le rapella, hobane ba le rata ka baka la mohau o moholo oo Modimo a le etseditseng wona.

15. A re leboheng Modimo ka mpho ya hae e ke keng ya lekanngwa!

2 Bakorinthe 9