9. re le ba sa tsejweng, empa re tsejwa hantle; re le ba shwang, empa bonang re a phela; re le ba kgalemelwang ka ho shapuwa, empa re sa bolawe;
10. re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.
11. Bakorinthe, re buile le lona phatlalatsa, re le buletse dipelo tsa rona.
12. Rona re le rata ka pelo yohle, athe dipelong tsa lona lerato ha le yo.
13. Ke re: Re buleleng dipelo tsa lona, kgalapa di buseletsane. Ke bua jwaloka ntata ha a bua le bana ba hae.
14. Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi?
15. Na Kreste a ka dumellana le Beleare? Kapa ke eng eo modumedi a ka e kopanelang le ya sa dumeleng?