2 Bakorinthe 6:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.

2. Modimo o re:“Ka nako ya mohauke ile ka o araba,ka letsatsi la ho pholoswake ile ka o thusa.”Ke eo jwale nako ya mohau; ke leo he letsatsi la pholoho.

3. Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho.

4. Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,

2 Bakorinthe 6