4. Ke ile ka le ngolla ka maikutlo a tshwenyehileng, le ka pelo e tsielehileng, le ka meokgo e keleketlang. E ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe boholo ba lerato leo ke le ratang ka lona.
5. Jwale haeba motho a swabisitse e mong, ha a ya swabisa nna, o swabisitse lona; ho se feteletse puo ke re, leha e se lona bohle.
6. Ho lekane hore ebe ya jwalo o etseditswe kotlo ke bongata ba lona.
7. Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo.
8. Ka baka leo, ke le rapela hore le mmontshe hore le fela le mo rata.
9. Ke le ngoletse hore ke nonye maikutlo a lona, ke tle ke be le bopaki ba hore na le mamela dinthong tsohle.
10. Jwale eo le mo tshwarelang, le nna ke a mo tshwarela. Haeba ho na le seo ke se tshwaretseng, ke ka baka la lona, mahlong a Kreste, ke tshwaretseng ya se entseng;
11. esere Satane a re qhekella, etswe re tseba maqiti a hae.
12. Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela.