1. Ke tlameha ho ithorisa, leha ho sa thuse letho, mme ke fetela diponong le ho tseo Morena a ntshenoletseng tsona.
2. Ke tseba motho wa Mokreste, eo ho seng ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene a kile a nkelwa lehodimong la boraro. Le haeba e ne e le ka mmele kapa e se ka mmele, ha ke tsebe; ho tseba Modimo.
3. Ke tseba hore motho eo, le haeba e ne e le ka mmele, kapa e se ka mmele, ha ke tsebe, ho tseba Modimo,
4. o kile a nkelwa paradeising, a utlwa mantswe a ke keng a buuwa, ao motho a sa dumellwang ho a bolela.