6. Leha ke se kgeleke, tsebo ke na le yona, mme re le bontshitse hona ka dinako tsohle le ka mekgwa yohle.
7. Na ke ile ka etsa phoso ha ke ikokobetsa hore lona le phahamiswe, mme ke le boleletse molaetsa o molemo wa Modimo, ke sa le lefise?
8. Ke hanyapeditse dikereke tse ding ka ho amohela moputso, hore ke tle ke le sebeletse.
9. Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.
10. Ke ikana ka nnete ya Kreste e ka ho nna, hore boithoriso bona ba ka bo ke ke ba kgaotsa dibakeng tsa Akaya.
11. Hobaneng? Hobane ke sa le rate? Tjhe, Modimo o a tseba, ke a le rata.
12. Jwale seo ke se etsang ke tla nne ke se etse, e le hore ba ipatlelang sebaka sa ho ithorisa ka ho re ba jwaloka rona, ke tle ke ba hlokise sona.
13. Bao ke baapostola ba bohata, basebetsi ba mano, ba iketsang e ka ke baapostola ba Kreste.